×

Surah Qaf in Sotho

Quran Sotho ⮕ Surah Qaf

Translation of the Meanings of Surah Qaf in Sotho - السوتو

The Quran in Sotho - Surah Qaf translated into Sotho, Surah Qaf in Sotho. We provide accurate translation of Surah Qaf in Sotho - السوتو, Verses 45 - Surah Number 50 - Page 518.

بسم الله الرحمن الرحيم

ق ۚ وَالْقُرْآنِ الْمَجِيدِ (1)
Qaf: Ka Qura‘n e tlotlehang (u morumuoa oa Allah)
بَلْ عَجِبُوا أَن جَاءَهُم مُّنذِرٌ مِّنْهُمْ فَقَالَ الْكَافِرُونَ هَٰذَا شَيْءٌ عَجِيبٌ (2)
Empa ba maketse hore na ho tlile morumuoa ho bona ea hlahang har’a bona. Kahoo mahana-tumelo ba re: “ena ke ntho e makatsang
أَإِذَا مِتْنَا وَكُنَّا تُرَابًا ۖ ذَٰلِكَ رَجْعٌ بَعِيدٌ (3)
Eng! Mohlang re shoang, re fetohile lerole, re ka boela ra tsosoa hape? Seo ke poelo e thoko haholo.”
قَدْ عَلِمْنَا مَا تَنقُصُ الْأَرْضُ مِنْهُمْ ۖ وَعِندَنَا كِتَابٌ حَفِيظٌ (4)
Re tseba tseo lefats’e le li jereng tsa bona, Re na le Lenane la litlaleho
بَلْ كَذَّبُوا بِالْحَقِّ لَمَّا جَاءَهُمْ فَهُمْ فِي أَمْرٍ مَّرِيجٍ (5)
Empa ba nyelisa ‘nete nakong eo e tlang ho bona; kahoo ba pherekanong
أَفَلَمْ يَنظُرُوا إِلَى السَّمَاءِ فَوْقَهُمْ كَيْفَ بَنَيْنَاهَا وَزَيَّنَّاهَا وَمَا لَهَا مِن فُرُوجٍ (6)
Na ha ba shebeng marung holim’a bona? – Kamoo Re a entseng kateng le kamoo Re’a khabisitseng kateng; le kamoo ho senang sekoli kateng
وَالْأَرْضَ مَدَدْنَاهَا وَأَلْقَيْنَا فِيهَا رَوَاسِيَ وَأَنبَتْنَا فِيهَا مِن كُلِّ زَوْجٍ بَهِيجٍ (7)
Le lefats’e Re le alile le hona ho tsepamisa lithaba holim’a lona, eaba Re etsa hore limela tsohle tse khahlehang li mele holim’a lona, –
تَبْصِرَةً وَذِكْرَىٰ لِكُلِّ عَبْدٍ مُّنِيبٍ (8)
E le pontso le sona sehopotso molemong oa lekhabunyane lefe, kapa lefe le sokolohileng
وَنَزَّلْنَا مِنَ السَّمَاءِ مَاءً مُّبَارَكًا فَأَنبَتْنَا بِهِ جَنَّاتٍ وَحَبَّ الْحَصِيدِ (9)
Re romella pula e hlohonolofetseng lefats’eng eo ka eona re phelisang lijalo lirapeng le tsona lijo thollo
وَالنَّخْلَ بَاسِقَاتٍ لَّهَا طَلْعٌ نَّضِيدٌ (10)
Le lifate tsa lipalema tse jereng liririella tsa litholoana; –
رِّزْقًا لِّلْعِبَادِ ۖ وَأَحْيَيْنَا بِهِ بَلْدَةً مَّيْتًا ۚ كَذَٰلِكَ الْخُرُوجُ (11)
Ele phepo molemong oa batho; e bile Re phelisa lefats’e le omeletseng ka pula. Ka mokhoa oo Tsoho Ea Bafu e tla bang kateng
كَذَّبَتْ قَبْلَهُمْ قَوْمُ نُوحٍ وَأَصْحَابُ الرَّسِّ وَثَمُودُ (12)
Batho ba habo Nooe ba ile ba nyefola ‘nete pele ho bona, ka mokhoa o ts’oanang le baahi ba Rass, Ba – Thamude
وَعَادٌ وَفِرْعَوْنُ وَإِخْوَانُ لُوطٍ (13)
Ba – a’ad, Faro, le bana ba bo Lota
وَأَصْحَابُ الْأَيْكَةِ وَقَوْمُ تُبَّعٍ ۚ كُلٌّ كَذَّبَ الرُّسُلَ فَحَقَّ وَعِيدِ (14)
Le baahi ba Mediane, le batho ba Tubb’a: morabe o mong le o mong o ile oa nyefola baromuoa; Tlhokomeliso ea Ka e ile ea phethahatsoa(holim’a bona)
أَفَعَيِينَا بِالْخَلْقِ الْأَوَّلِ ۚ بَلْ هُمْ فِي لَبْسٍ مِّنْ خَلْقٍ جَدِيدٍ (15)
Na Re ile Ra tepella ke tlholeho ea mathomo? Hore ebe ba na le khoao ka tlholeho e ncha
وَلَقَدْ خَلَقْنَا الْإِنسَانَ وَنَعْلَمُ مَا تُوَسْوِسُ بِهِ نَفْسُهُ ۖ وَنَحْنُ أَقْرَبُ إِلَيْهِ مِنْ حَبْلِ الْوَرِيدِ (16)
Ke Rona ba hlotseng motho, Re tseba ka botlalo seo moea oa hae o mo hlohleletsang sona, etsoe Re haufi haholo le eena ho feta mahalapa a hae
إِذْ يَتَلَقَّى الْمُتَلَقِّيَانِ عَنِ الْيَمِينِ وَعَنِ الشِّمَالِ قَعِيدٌ (17)
Hopola manyeloi a mabeli a khethiloe ho ngola liketso tsa motho, le leng le lutse ka letsohong le letona, ha le leng lona le lutse ka letsohong le lets’ehali
مَّا يَلْفِظُ مِن قَوْلٍ إِلَّا لَدَيْهِ رَقِيبٌ عَتِيدٌ (18)
Ha ho lentsoe leha le le leng leo a le buoang e be moalosi oa hae ha a le ngole
وَجَاءَتْ سَكْرَةُ الْمَوْتِ بِالْحَقِّ ۖ ذَٰلِكَ مَا كُنتَ مِنْهُ تَحِيدُ (19)
Mahlomola a lefu a tlisa ‘nete(kapel’a mahlo a hae): “Sena ke sona seo u neng u leka ho se qoba.”
وَنُفِخَ فِي الصُّورِ ۚ ذَٰلِكَ يَوْمُ الْوَعِيدِ (20)
Terompeta e tla letsoa: Lena ke letsatsi le ts’episitsoeng
وَجَاءَتْ كُلُّ نَفْسٍ مَّعَهَا سَائِقٌ وَشَهِيدٌ (21)
Moea ka mong o tla atamela le lenyeloi le o qhobang esitana le la paki
لَّقَدْ كُنتَ فِي غَفْلَةٍ مِّنْ هَٰذَا فَكَشَفْنَا عَنكَ غِطَاءَكَ فَبَصَرُكَ الْيَوْمَ حَدِيدٌ (22)
(Ho tla thoe;) “Ha u e’a ka oa tsotella molaetsa ona. Hajoale Re phetlile sekhurumetso sa lona, mahlo a lona a ncho-cho kajeno.”
وَقَالَ قَرِينُهُ هَٰذَا مَا لَدَيَّ عَتِيدٌ (23)
Moalosi oa hae o tla re: “tlaleho ea hae ke na le eona.”
أَلْقِيَا فِي جَهَنَّمَ كُلَّ كَفَّارٍ عَنِيدٍ (24)
(Kahlolo e tla ba:) “akhelang mong le mong eo e leng molatoli oa Allah kahar’a lihele! –
مَّنَّاعٍ لِّلْخَيْرِ مُعْتَدٍ مُّرِيبٍ (25)
Ea neng a sitisa toka, a tlola meeli eohle, a jala khoao le lipelaelo,”
الَّذِي جَعَلَ مَعَ اللَّهِ إِلَٰهًا آخَرَ فَأَلْقِيَاهُ فِي الْعَذَابِ الشَّدِيدِ (26)
“Le hona ho iketsetsa molingoana kantle ho Allah. Mo akheleng kahar’a kahlolo e ts’abehang.”
۞ قَالَ قَرِينُهُ رَبَّنَا مَا أَطْغَيْتُهُ وَلَٰكِن كَانَ فِي ضَلَالٍ بَعِيدٍ (27)
Motsoalle oa hae o tla re: “Mong`a ka! Ha se ‘na ea mo rutileng ho tlola meeli, empa o ne a khelohetse thoko.”
قَالَ لَا تَخْتَصِمُوا لَدَيَّ وَقَدْ قَدَّمْتُ إِلَيْكُم بِالْوَعِيدِ (28)
Allah U tla re: “Se pheheng khang kapel’a Ka, khale Ke le romeletse tlhokomeliso
مَا يُبَدَّلُ الْقَوْلُ لَدَيَّ وَمَا أَنَا بِظَلَّامٍ لِّلْعَبِيدِ (29)
“Molaetsa o tsoang ho ‘Na o ke ke oa fetoha, ha ho kamoo Nka hlokelang makhabunyane toka kateng.”
يَوْمَ نَقُولُ لِجَهَنَّمَ هَلِ امْتَلَأْتِ وَتَقُولُ هَلْ مِن مَّزِيدٍ (30)
Ka letsatsi le leng Re botsa lihele: “Na o tletse haholo?” Li tla re: “Na ho sa le teng ba bang ba tlang?”
وَأُزْلِفَتِ الْجَنَّةُ لِلْمُتَّقِينَ غَيْرَ بَعِيدٍ (31)
Serapa se tla atametsoa haufinyane le bohle ba etsang botle, se ke ke sa eba thoko le bona
هَٰذَا مَا تُوعَدُونَ لِكُلِّ أَوَّابٍ حَفِيظٍ (32)
(Lentsoe le tla re:) “sena ke seo le neng le se ts’episitsoe, – ho bohle ba sokolohileng esita le hona ho ho boloka (Molao oa Hae)
مَّنْ خَشِيَ الرَّحْمَٰنَ بِالْغَيْبِ وَجَاءَ بِقَلْبٍ مُّنِيبٍ (33)
“Ba ts’abileng(Allah) Ea Tletseng Lereko sephiring, le ho tla ka pelo e sokolohileng
ادْخُلُوهَا بِسَلَامٍ ۖ ذَٰلِكَ يَوْمُ الْخُلُودِ (34)
“Kenang kahar’a sona ka Khotso le Polokeho; Lena ke Letsatsi la Bophelo bo sa feleng.”
لَهُم مَّا يَشَاءُونَ فِيهَا وَلَدَيْنَا مَزِيدٌ (35)
Ba tla fumana tsohle tseo ba li labalabelang kamoo, – ho teng lintho tse ngata ho Rona
وَكَمْ أَهْلَكْنَا قَبْلَهُم مِّن قَرْنٍ هُمْ أَشَدُّ مِنْهُم بَطْشًا فَنَقَّبُوا فِي الْبِلَادِ هَلْ مِن مَّحِيصٍ (36)
Hana ke meloko e mekae eo Re ileng Ra e ripitla pele ho bona, eo e neng e le linatla ho ba feta ka matla hooba neng ba tletse- tletse le lefats’e! Na ba ne ba ena le sebaka sa ho phonyoha nakong eo kahlolo eba oelang
إِنَّ فِي ذَٰلِكَ لَذِكْرَىٰ لِمَن كَانَ لَهُ قَلْبٌ أَوْ أَلْقَى السَّمْعَ وَهُوَ شَهِيدٌ (37)
Ruri
وَلَقَدْ خَلَقْنَا السَّمَاوَاتِ وَالْأَرْضَ وَمَا بَيْنَهُمَا فِي سِتَّةِ أَيَّامٍ وَمَا مَسَّنَا مِن لُّغُوبٍ (38)
Re hlotse maholimo le lefats’e le tsohle tse teng lipakeng tsa ona ka matsatsi a ts’eletseng kantle le mokhathala o kileng oa Re ama
فَاصْبِرْ عَلَىٰ مَا يَقُولُونَ وَسَبِّحْ بِحَمْدِ رَبِّكَ قَبْلَ طُلُوعِ الشَّمْسِ وَقَبْلَ الْغُرُوبِ (39)
Eba le mamello ho tsohle tseo ba li buoang, u keteke lithoriso tsa Mong`a hau pele letsatsi le chaba le pele le likela
وَمِنَ اللَّيْلِ فَسَبِّحْهُ وَأَدْبَارَ السُّجُودِ (40)
Le karolong ea bosiu, keteka lithoriso tsa Hae, le kamor’a lithapelo
وَاسْتَمِعْ يَوْمَ يُنَادِ الْمُنَادِ مِن مَّكَانٍ قَرِيبٍ (41)
U mamele mohla letsatsi leo ka lona seboholi se tlang ho hoelehetsa se le sebakeng se haufinyane, –
يَوْمَ يَسْمَعُونَ الصَّيْحَةَ بِالْحَقِّ ۚ ذَٰلِكَ يَوْمُ الْخُرُوجِ (42)
Mohlang ba tlang ho utloa molumo o ts’abehang ka ‘nete: Leo e tla ba Letsatsi la Tsoho
إِنَّا نَحْنُ نُحْيِي وَنُمِيتُ وَإِلَيْنَا الْمَصِيرُ (43)
Ruri! Ke Rona ba fanang ka Bophelo le Lefu, poelo ea lona bohle e ho Rona
يَوْمَ تَشَقَّقُ الْأَرْضُ عَنْهُمْ سِرَاعًا ۚ ذَٰلِكَ حَشْرٌ عَلَيْنَا يَسِيرٌ (44)
Letsatsi leo ka lona lefats’e le tlang ho peperana, ba tla tlaba phasa-phasa ka hohle. Ke ka mokhoa o bobebe oo Re tlang ho ba khobokanya ka ona
نَّحْنُ أَعْلَمُ بِمَا يَقُولُونَ ۖ وَمَا أَنتَ عَلَيْهِم بِجَبَّارٍ ۖ فَذَكِّرْ بِالْقُرْآنِ مَن يَخَافُ وَعِيدِ (45)
Re tseba ka botlalo seo ba se buang; ha se uena ea tlamehang ho ba qobella. Kahoo ba lemose ka Qura’n bohle ba ts’abang Kahlolo ea Ka
❮ Previous Next ❯

Surahs from Quran :

1- Fatiha2- Baqarah
3- Al Imran4- Nisa
5- Maidah6- Anam
7- Araf8- Anfal
9- Tawbah10- Yunus
11- Hud12- Yusuf
13- Raad14- Ibrahim
15- Hijr16- Nahl
17- Al Isra18- Kahf
19- Maryam20- TaHa
21- Anbiya22- Hajj
23- Muminun24- An Nur
25- Furqan26- Shuara
27- Naml28- Qasas
29- Ankabut30- Rum
31- Luqman32- Sajdah
33- Ahzab34- Saba
35- Fatir36- Yasin
37- Assaaffat38- Sad
39- Zumar40- Ghafir
41- Fussilat42- shura
43- Zukhruf44- Ad Dukhaan
45- Jathiyah46- Ahqaf
47- Muhammad48- Al Fath
49- Hujurat50- Qaf
51- zariyat52- Tur
53- Najm54- Al Qamar
55- Rahman56- Waqiah
57- Hadid58- Mujadilah
59- Al Hashr60- Mumtahina
61- Saff62- Jumuah
63- Munafiqun64- Taghabun
65- Talaq66- Tahrim
67- Mulk68- Qalam
69- Al-Haqqah70- Maarij
71- Nuh72- Jinn
73- Muzammil74- Muddathir
75- Qiyamah76- Insan
77- Mursalat78- An Naba
79- Naziat80- Abasa
81- Takwir82- Infitar
83- Mutaffifin84- Inshiqaq
85- Buruj86- Tariq
87- Al Ala88- Ghashiya
89- Fajr90- Al Balad
91- Shams92- Lail
93- Duha94- Sharh
95- Tin96- Al Alaq
97- Qadr98- Bayyinah
99- Zalzalah100- Adiyat
101- Qariah102- Takathur
103- Al Asr104- Humazah
105- Al Fil106- Quraysh
107- Maun108- Kawthar
109- Kafirun110- Nasr
111- Masad112- Ikhlas
113- Falaq114- An Nas