×

Surah Al-Qamar in Sotho

Quran Sotho ⮕ Surah Al Qamar

Translation of the Meanings of Surah Al Qamar in Sotho - السوتو

The Quran in Sotho - Surah Al Qamar translated into Sotho, Surah Al-Qamar in Sotho. We provide accurate translation of Surah Al Qamar in Sotho - السوتو, Verses 55 - Surah Number 54 - Page 528.

بسم الله الرحمن الرحيم

اقْتَرَبَتِ السَّاعَةُ وَانشَقَّ الْقَمَرُ (1)
Hora (Ea Kahlolo) e se e atametse, ngoeli petsohile ka lehare
وَإِن يَرَوْا آيَةً يُعْرِضُوا وَيَقُولُوا سِحْرٌ مُّسْتَمِرٌّ (2)
Empa ha ba bona sesupo, ba ea koeneha, ba re: “Hona ke boloi ba ka mehla.”
وَكَذَّبُوا وَاتَّبَعُوا أَهْوَاءَهُمْ ۚ وَكُلُّ أَمْرٍ مُّسْتَقِرٌّ (3)
Ba nyelisa ‘nete, ba sala litakatso tsa bona morao. Empa, ntho e ngoe le e ngoe e na le nako ea pallo
وَلَقَدْ جَاءَهُم مِّنَ الْأَنبَاءِ مَا فِيهِ مُزْدَجَرٌ (4)
Ba amohetse litaba tsa temoso e feletseng, hore ba fetole metsamao ea bona
حِكْمَةٌ بَالِغَةٌ ۖ فَمَا تُغْنِ النُّذُرُ (5)
Bohlale bo tsotoang; empa litemoso ha li’a ka tsa thusa letho
فَتَوَلَّ عَنْهُمْ ۘ يَوْمَ يَدْعُ الدَّاعِ إِلَىٰ شَيْءٍ نُّكُرٍ (6)
Kahoo ba furalle. Letsatsi leo ka lona sebohloli se tlang ho ba bitsetsa litabeng tse mahlonoko
خُشَّعًا أَبْصَارُهُمْ يَخْرُجُونَ مِنَ الْأَجْدَاثِ كَأَنَّهُمْ جَرَادٌ مُّنتَشِرٌ (7)
Ba tla atamela, – ba soabile – mabitleng a bona, ba ts’oana le litsie ha li tletse-tletse hohle
مُّهْطِعِينَ إِلَى الدَّاعِ ۖ يَقُولُ الْكَافِرُونَ هَٰذَا يَوْمٌ عَسِرٌ (8)
Ba potlaketse ho seboholi ba tonne mahlo! – “Le thata Letsatsi.” Mahana-tumelo a tla cho
۞ كَذَّبَتْ قَبْلَهُمْ قَوْمُ نُوحٍ فَكَذَّبُوا عَبْدَنَا وَقَالُوا مَجْنُونٌ وَازْدُجِرَ (9)
Batho ba habo Nooe pele ho bona ba ile ba nyefola lekhabunyane la Rona pele ho bona, ba re: “Ke lehlanya!” O ile a phalalisoa
فَدَعَا رَبَّهُ أَنِّي مَغْلُوبٌ فَانتَصِرْ (10)
Ke moo a ileng a bitsa ho Mong`a hae: “Ke ea hlotsoeng, kahoo ak’u mpe U nthuse.”
فَفَتَحْنَا أَبْوَابَ السَّمَاءِ بِمَاءٍ مُّنْهَمِرٍ (11)
Eaba Re bula mekoallo ea leholimo ka metsi a phallang
وَفَجَّرْنَا الْأَرْضَ عُيُونًا فَالْتَقَى الْمَاءُ عَلَىٰ أَمْرٍ قَدْ قُدِرَ (12)
Le hona ho ts’akhunya liliba lefats’eng, hore metsi a tle a fihlele taelo e fanoeng
وَحَمَلْنَاهُ عَلَىٰ ذَاتِ أَلْوَاحٍ وَدُسُرٍ (13)
Eaba Re mo jara ka Areka eneng e entsoe ka lifate tsa lipalema
تَجْرِي بِأَعْيُنِنَا جَزَاءً لِّمَن كَانَ كُفِرَ (14)
Hore e phaphamale holim’a metsi kapel’a mahlo a Rona, e le moputso ho eo ea ileng a nyelisoa
وَلَقَد تَّرَكْنَاهَا آيَةً فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (15)
Re ile Ra siea seo e le sesupo; empa na ho teng ea tlang ho amohela temoso
فَكَيْفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ (16)
Empa ak’u boneng kamoo kahlolo ea ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa ka
وَلَقَدْ يَسَّرْنَا الْقُرْآنَ لِلذِّكْرِ فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (17)
Ka ‘nete Re entse Qura’n ho ba bobebe ho ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tla amohela temoso
كَذَّبَتْ عَادٌ فَكَيْفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ (18)
Morabe oa Ba-A’d o ile oa nyelisa. Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso
إِنَّا أَرْسَلْنَا عَلَيْهِمْ رِيحًا صَرْصَرًا فِي يَوْمِ نَحْسٍ مُّسْتَمِرٍّ (19)
Hobane Re ile Ra ba romella sekhobo sa phefo mohla letsatsi le nyonyehang
تَنزِعُ النَّاسَ كَأَنَّهُمْ أَعْجَازُ نَخْلٍ مُّنقَعِرٍ (20)
Hoo e ileng ea tsokotsa batho joaloka ha eka ene ele likutu tse koqotsoeng ka metso tsa lifate tsa palema
فَكَيْفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ (21)
Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a litemoso tsa Ka
وَلَقَدْ يَسَّرْنَا الْقُرْآنَ لِلذِّكْرِ فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (22)
Ruri! Re entse koran ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso
كَذَّبَتْ ثَمُودُ بِالنُّذُرِ (23)
Ba-Thamude ba ile ba nyelisa Balemosi
فَقَالُوا أَبَشَرًا مِّنَّا وَاحِدًا نَّتَّبِعُهُ إِنَّا إِذًا لَّفِي ضَلَالٍ وَسُعُرٍ (24)
Hobane ba ile ba re: “Eng! Monna a le mong feela har’a rona, re ka mo latela? Ruri! Re tla be re lahlehetsoe ke menahano, re hlanya
أَأُلْقِيَ الذِّكْرُ عَلَيْهِ مِن بَيْنِنَا بَلْ هُوَ كَذَّابٌ أَشِرٌ (25)
“Na molaetsa o filoe eena Salih feela har’a rona? Che, empa e le moqabanyi ea leshano.”
سَيَعْلَمُونَ غَدًا مَّنِ الْكَذَّابُ الْأَشِرُ (26)
Hosane ba tla tseba hore na ke mang ea leshano
إِنَّا مُرْسِلُو النَّاقَةِ فِتْنَةً لَّهُمْ فَارْتَقِبْهُمْ وَاصْطَبِرْ (27)
Hobane Re tla romella kamele e ts’ehali ele teko khahlano le bona, kahoo u ba lebelle, u be le mamello
وَنَبِّئْهُمْ أَنَّ الْمَاءَ قِسْمَةٌ بَيْنَهُمْ ۖ كُلُّ شِرْبٍ مُّحْتَضَرٌ (28)
U ba tsebise hore ba arolelana metsi le eona, ba lokela ho noa ka tlhatlhamano
فَنَادَوْا صَاحِبَهُمْ فَتَعَاطَىٰ فَعَقَرَ (29)
Empa ba ileba bitsa e mong oa bona, eaba o nka sabole; a e bolaea
فَكَيْفَ كَانَ عَذَابِي وَنُذُرِ (30)
Bonang kamoo kahlolo ea Ka e ileng ea ts’abeha kateng kamor’a hore Ke fane ka litemoso
إِنَّا أَرْسَلْنَا عَلَيْهِمْ صَيْحَةً وَاحِدَةً فَكَانُوا كَهَشِيمِ الْمُحْتَظِرِ (31)
Hobane Re ile Ra ba romella molumo o matla o le mong feela, eaba ba fetoha lesupi
وَلَقَدْ يَسَّرْنَا الْقُرْآنَ لِلذِّكْرِ فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (32)
Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na o teng ea tla amohela temoso
كَذَّبَتْ قَوْمُ لُوطٍ بِالنُّذُرِ (33)
Batho ba habo Lota, ba ‘nile ba nyefola Temoso
إِنَّا أَرْسَلْنَا عَلَيْهِمْ حَاصِبًا إِلَّا آلَ لُوطٍ ۖ نَّجَّيْنَاهُم بِسَحَرٍ (34)
Re ile Ra romella sefako sa majoe holim’a bona kaofela kantle ho lelapa la lota, eo Re ileng Ra mo pholosa esale ka matjeke
نِّعْمَةً مِّنْ عِندِنَا ۚ كَذَٰلِكَ نَجْزِي مَن شَكَرَ (35)
Ele Lereko ho tsoa ho Rona. Ke kamoo Re putsang ba fanang ka liteboho
وَلَقَدْ أَنذَرَهُم بَطْشَتَنَا فَتَمَارَوْا بِالنُّذُرِ (36)
O (Lota) ‘nile a ba lemosa ka kotlo ea Rona, empa ba ile ba hanyetsa Temoso
وَلَقَدْ رَاوَدُوهُ عَن ضَيْفِهِ فَطَمَسْنَا أَعْيُنَهُمْ فَذُوقُوا عَذَابِي وَنُذُرِ (37)
Ba bile ba mo tsekisa baeti ba hae, empa Ra ba foufatsa.(ba utloa) “Latsoang kahlolo ea Ka kamor’a Temoso ea Ka.”
وَلَقَدْ صَبَّحَهُم بُكْرَةً عَذَابٌ مُّسْتَقِرٌّ (38)
Kahlolo e neng e ts’episitsoe e ile eaba oela esale ka meso
فَذُوقُوا عَذَابِي وَنُذُرِ (39)
“Kahoo, latsoang kahlolo ea Ka le temoso ea Ka!”
وَلَقَدْ يَسَّرْنَا الْقُرْآنَ لِلذِّكْرِ فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (40)
Ruri Re entse Qura’n ho ba bobebe ho utloisiseha le ho hopoleha; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso
وَلَقَدْ جَاءَ آلَ فِرْعَوْنَ النُّذُرُ (41)
Sechabeng sa Faro, le teng ho ile ha fihla Balemosi (ho tsoa ho Allah)
كَذَّبُوا بِآيَاتِنَا كُلِّهَا فَأَخَذْنَاهُمْ أَخْذَ عَزِيزٍ مُّقْتَدِرٍ (42)
Ba ile ba nyelisa Lits’enolo tsa Rona kaofela. Empa Ra ba otla ka kotlo ea Ea Matla Oohle, Ea phethahatsang Thato ea Hae
أَكُفَّارُكُمْ خَيْرٌ مِّنْ أُولَٰئِكُمْ أَمْ لَكُم بَرَاءَةٌ فِي الزُّبُرِ (43)
Mahana-Tumelo a hau ba molemo ho feta bao? Kapa ba na le ts’ireletso kahar’a Lengolo le Halalelang
أَمْ يَقُولُونَ نَحْنُ جَمِيعٌ مُّنتَصِرٌ (44)
Kapa ba re: “Rona re lebotho le hlometseng?”
سَيُهْزَمُ الْجَمْعُ وَيُوَلُّونَ الدُّبُرَ (45)
Haufi Mabotho ohle a tla hloptjoa, a tla supa ntoa ka lirethe
بَلِ السَّاعَةُ مَوْعِدُهُمْ وَالسَّاعَةُ أَدْهَىٰ وَأَمَرُّ (46)
Che, Hora (ea kahlolo) ke nako ea pallo; Hora eo etla ba e mahlonoko, ebileng eleng bohla
إِنَّ الْمُجْرِمِينَ فِي ضَلَالٍ وَسُعُرٍ (47)
Ruri ba sebeng ke bona ba lahlehtsoeng ke monahano, ba ea hlanya
يَوْمَ يُسْحَبُونَ فِي النَّارِ عَلَىٰ وُجُوهِهِمْ ذُوقُوا مَسَّ سَقَرَ (48)
Letsatsi leo ka lona ba tlang ho huleloa ka har’a mollo ka lifahleho,(ba tla utloa): “Utloang lelakabe la Lihele.”
إِنَّا كُلَّ شَيْءٍ خَلَقْنَاهُ بِقَدَرٍ (49)
Ruri! Re hlotse lintho tsohle ka tekanyetso
وَمَا أَمْرُنَا إِلَّا وَاحِدَةٌ كَلَمْحٍ بِالْبَصَرِ (50)
Taelo ea Rona e `ngoe feela, e joaloka ho panya ha leihlo
وَلَقَدْ أَهْلَكْنَا أَشْيَاعَكُمْ فَهَلْ مِن مُّدَّكِرٍ (51)
Re ile Ra ripitla bana ba bo-lona mehleng ea pele; joale na ho teng ea tlang ho amohela temoso
وَكُلُّ شَيْءٍ فَعَلُوهُ فِي الزُّبُرِ (52)
Ntho e ngoe le e ngoe eo ba e etsang e teng kahar’a Lengolo
وَكُلُّ صَغِيرٍ وَكَبِيرٍ مُّسْتَطَرٌ (53)
Ntho e ngoe le e ngoe e nyenyane, kapa e kholo e tlalehiloe
إِنَّ الْمُتَّقِينَ فِي جَنَّاتٍ وَنَهَرٍ (54)
Haele ba lokileng ba tla phela kahar’a Lirapa le Linoka
فِي مَقْعَدِ صِدْقٍ عِندَ مَلِيكٍ مُّقْتَدِرٍ (55)
Kahar’a ‘Moka oa ‘Nete, kapel’a Ea Matla Oohle
❮ Previous Next ❯

Surahs from Quran :

1- Fatiha2- Baqarah
3- Al Imran4- Nisa
5- Maidah6- Anam
7- Araf8- Anfal
9- Tawbah10- Yunus
11- Hud12- Yusuf
13- Raad14- Ibrahim
15- Hijr16- Nahl
17- Al Isra18- Kahf
19- Maryam20- TaHa
21- Anbiya22- Hajj
23- Muminun24- An Nur
25- Furqan26- Shuara
27- Naml28- Qasas
29- Ankabut30- Rum
31- Luqman32- Sajdah
33- Ahzab34- Saba
35- Fatir36- Yasin
37- Assaaffat38- Sad
39- Zumar40- Ghafir
41- Fussilat42- shura
43- Zukhruf44- Ad Dukhaan
45- Jathiyah46- Ahqaf
47- Muhammad48- Al Fath
49- Hujurat50- Qaf
51- zariyat52- Tur
53- Najm54- Al Qamar
55- Rahman56- Waqiah
57- Hadid58- Mujadilah
59- Al Hashr60- Mumtahina
61- Saff62- Jumuah
63- Munafiqun64- Taghabun
65- Talaq66- Tahrim
67- Mulk68- Qalam
69- Al-Haqqah70- Maarij
71- Nuh72- Jinn
73- Muzammil74- Muddathir
75- Qiyamah76- Insan
77- Mursalat78- An Naba
79- Naziat80- Abasa
81- Takwir82- Infitar
83- Mutaffifin84- Inshiqaq
85- Buruj86- Tariq
87- Al Ala88- Ghashiya
89- Fajr90- Al Balad
91- Shams92- Lail
93- Duha94- Sharh
95- Tin96- Al Alaq
97- Qadr98- Bayyinah
99- Zalzalah100- Adiyat
101- Qariah102- Takathur
103- Al Asr104- Humazah
105- Al Fil106- Quraysh
107- Maun108- Kawthar
109- Kafirun110- Nasr
111- Masad112- Ikhlas
113- Falaq114- An Nas